Luke 17:1-37 SSO1989 - Bible AI

1Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena.

2Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng.

3Itlhokomeleng! “Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele.

4Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: o mo tshwarele.”

5Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”

6Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: mme se ne se ka le mamela.

7“E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena:

8Na a ke ke a mpa a re ho yena:

9Na o ye a lebohe mohlanka hobane a entse tseo a di laetsweng na?

10Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng:

11Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea.

12Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana,

13ba howeletsa, ba re: “Jesu, Monghadi, ako re utlwele bohloko!”

14Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka.

15Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng,

16a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.

17Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae?

18Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?”

19Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”

20Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;

21hape ho ke be ha thwe: Mmuso wa Modimo o hara lona.”

22A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona.

23Ba tla re ho lona: kapa: Le se ke la ya, leha e le ho ba latela.

24Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae.

25Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.

26“Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:

27batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.

28“Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha.

29Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.

30“Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona.

31Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae.

32Hopolang mosadi wa Lota.

33Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.

34Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe;

35basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe.

36Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.”

37Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?” A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.”

© Bible Society of South Africa, 1989
div>