Matthew 25:1-46 SSO1989 - Bible AI

1“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.

2Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.

3Dithoto tsa nka mabone a tsona, empa tsa se ka tsa nka ole;

4athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.

5Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.

6“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng:

7“Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona.

8Dithoto tsa re ho ba bohlale:

9“Ba bohlale ba araba, ba re:

10“Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.

11“Kamorao ha fihla barwetsana ba neng ba setse, ba re:

12“A ba araba, a re:

13“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”

14“Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae.

15A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang

16ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.

17Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.

18Empa ya amohetseng e le nngwe a ya tjheka fatshe, a pata tjhelete ya monga hae.

19“Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona.

20Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a atamela, a tlisa ditalenta tse ding tse hlano, a re:

21“Monga hae a re ho yena:

22“Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi le yena a atamela, a re:

23“Monga hae a re ho yena:

24“Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re:

25ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!>

26“Monga hae a mo araba, a re:

27O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello.

28

29hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

30Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!> ”

31“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.

32Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi;

33o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi.

34“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona:

35hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela;

36ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.>

37“Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re:

38Ke neng re ileng ra o bona o le moeti, ra o amohela; kapa o hlobotse, ra o apesa?

39Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?>

40“Kgosi e tla ba araba, e re:

41“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi:

42hobane ke ne ke lapile, la se ke la mpha dijo; ke nyorilwe, la se ke la mpha ka nwa;

43ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.>

44“Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re:

45“O tla ba araba, a re:

46“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”

>