1Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.
2Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae.
3Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Ke ntse ke rera koduwa, ke e rerela tjhaba sena, koduwa eo se ke keng sa ba sa e phema. Ha se ka ke sa tsamaya, sa tsamaya ka boikakaso, hobane e tla be e le nako, nako ya tlokotsi.
4Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re:
5Kahoo kahara phutheho, phutheho ya Morena, ha ho na ho ba le motho le ya mong ya tla le arolela naha ka lotho.
6Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”
7Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo ha thwe: “Ebe Morena o feletswe ke mamello? Na tse tjee di etswa ke yena?” “Na polelo tsa ka ha di tlise molemo, di o tlisetsa ba etsang ho loka?
8Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere.
9Basadi ba tjhaba sa ka le a ba leleka, le ba leleka malapeng, malapeng a bona a matle; le amoha bana ba bona tlotla ya ka, le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.
10Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.
11Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re:
12“Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho.
13Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”