1“ 2Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo. 3Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu; 4le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng. 5Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, ho o etsetsa tefelo ya sebe. 6Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. 7“ 8Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha. 9Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e le nngwe; 10le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse supileng. 11Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e le e eketsang nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, le nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona. 12“ 13Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha. 14Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe ya dipohwana tse leshome le metso e meraro; le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe ya dipheleu tse pedi. 15Le kilo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe ya dikonyana tse leshome le metso e mene. 16Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang neyehelo ya kamehla ya setjheso le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 17“ 18Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 19Le phooko ya nyehelo e tlosang sebe, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona. 20“ 21Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 22Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 23“ 24Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 25Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 26“ 27Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 28Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 29“ 30Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 31Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 32“ 33Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 34Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 35“ 36Empa le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha. 37Nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le pohwana, le pheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. 38Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e be e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona. 39“ 40Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona.