Numbers 34:1-29 SSO1989 - Bible AI

1Morena a bua ho Moshe, a re:

2“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona:

3

4Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone.

5Ho tloha Asamone moedi o tla thinyetsa molatswaneng wa Egepeta, o yo kgaotsa ka Lewatle.

6

7

8ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade.

9Ho tloha moo moedi o tla fetela Siferone, o yo fella Hasere-Enane. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka leboya.

10

11Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.

12Moedi o tla sika ka Jorodane, o be o yo fella Lewatleng la Letswai. “

13Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.

14Morabe wa bana ba Rubene ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le morabe wa bana ba Gade ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba neilwe lefa la bona.

15Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.”

16Morena a bua ho Moshe, a re:

17“Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune.

18Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa.

19Ana ke mabitso a banna bao: “Morabeng wa Juda e be Kalebe, mora wa Jefune;

20morabeng wa bana ba Simeone e be Shemuele, mora wa Amihude;

21morabeng wa Benjamine e be Eledade, mora wa Kiselone;

22morabeng wa bana ba Dane e be kgosana Buki, mora wa Jogele.

23Ho bana ba Josefa: morabeng wa bana ba Manase e be kgosana Haniele, mora wa Efode.

24Morabeng wa bana ba Efraime e be kgosana Kemuele, mora wa Shifetane;

25morabeng wa bana ba Sebulone e be kgosana Elesafane, mora wa Paranake;

26morabeng wa bana ba Isakare e be kgosana Paletiele, mora wa Asane;

27morabeng wa bana ba Ashere e be kgosana Ahihude, mora wa Shelomi;

28morabeng wa bana ba Nafthali e be kgosana Pedahele, mora wa Amihude.”

29Bana ke bona banna bao Morena a ileng a ba laela hore ba arolele bana ba Iseraele lefa, naheng ya Kanana.

>