Numbers 35:1-34 SSO1989 - Bible AI

1Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re:

2“Laela bana ba Iseraele hore lefeng la bona ba abele Balevi metse eo ba tla phela ho yona; le makgulo a potapotileng metse eo o a abele Balevi.

3“Metse ena ba tla aha ho yona, mme makgulo a e potapotileng e tla ba a dikgomo tsa bona, le a maruo wohle a bona, le a diphoofolo tsohle tsa bona.

4“Bonamo ba makgulo a potapotileng metse, ao o tla a abela Balevi, e be dimethara tse makgolo a mane le mashome a mahlano ho tloha marakong a motse, ho o potapota.

5“Kathoko ho motse bolelele ba moedi e be dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka botjhabela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka borwa, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka bophirimela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka leboya, motse o be hare. Ana e tla ba wona makgulo a metse ena.

6“Metse eo le tla e abela Balevi e tla ba metse e tsheletseng, eo ho tla tshabelwa ho yona, eo le e abelang ba bolaileng batho, hore ba balehele ho yona, mme kantle ho ena o tla ba abela metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.

7Metse yohle eo o tla e abela Balevi e be mashome a mane a metso e robedi kaofela ha yona; o ba nee yona le makgulo a yona.

8Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”

9Morena a bua ho Moshe, a re:

10“Bua ho bana ba Iseraele, o re ho bona:

11le tla ikgethela metse eo le tla tshabela ho yona; moo motho ya bolaileng motho e mong e se ka morero a tla tshabela teng.

12Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.

13Metse ena e tsheletseng, eo le tla e aba, e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.

14Le tla fana ka metse e meraro ka kwano ho Jorodane, ebe le fana ka metse e meraro naheng ya Kanana, mme e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.

15Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.

16

17Ha a mmatile ka lejwe leo a le betsitseng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.

18kapa haeba a mmatile ka molamu oo a o tshwereng, eba motho eo o a shwa, eo ya mmolaileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.

19Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.

20

21kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.

22

23kapa ere a sa mmonne a mmetsa ka lejwe le ka mmolayang, ebe eo o a shwa, feela e se sera sa hae, a bile a se na morero wa ho mo ntsha kotsi,

24phutheho e tla ahlola pakeng tsa mmolai le mophetetsi wa madi, ho ya ka melao ena.

25Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.

26

27eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,

28hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng oo a tshabetseng ho wona ho fihlela Moprista e Moholo a eshwa. Kamora lefu la Moprista e Moholo ke hona mmolai a ka kgutlelang naheng ya habo.

29

30

31

32

33

34Le se ke la silafatsa naha eo le ahileng ho yona, eo le nna ke ahileng ho yona, hobane nna, Morena, ke phela hara bana ba Iseraele.> ”

>