1Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha;
2ya lokileng Morena o a mo hauhela, ya merero e mebe yena o a mo ahlola.
3Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa.
4Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo.
5Merero ya ya lokileng e nepahetse, keletso tsa ya kgopo di tletse thetso.
6Polelo tsa ya kgopo ke maraba a ho bolaya, empa tsa ya lokileng tsona di a pholosa.
7Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla.
8Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa.
9Ho molemo ho nyatswa o ena le kgoba le le leng, ho ena le ho hlomphuwa o bolawa ke tlala.
10Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.
11Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.
12Ya kgopo o labalabela qhoqha ya mahahapa, empa ya lokileng yena o a atleha.
13Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.
14Motho e mong o atlehiswa ke dipuo tsa hae, athe e mong o putswa ho ya ka mesebetsi ya hae.
15Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso.
16Sethoto se sitwa ho itshwara ha se halefa, empa ya bohlale o iphapanyetsa dikgopiso.
17Paki ya sebele e bua nnete eo e e tsebang, empa ya bohata yona e bua leshano.
18Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.
19Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka.
20Pelong tsa ba rerang bobe ho tletse thetso, empa tsa ba rerang kgotso tsona di tletse thabo.
21Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe.
22Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa.
23Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.
24Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba.
25Ho feha matshwafo ho nyahamisa pelo ya motho, polelo e monate yona e a e thoba.
26Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang.
27Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.
28Tsela tse lokileng di isa bophelong, di kutlehile hantle, ha di ise timelong.