Proverbs 13:1-25 SSO1989 - Bible AI

1Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.

2Motho o kgola tholwana tse monate, tholwana tsa dipuo tsa hae, ya sa tshepahaleng yena o lapetse mahahapa.

3Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela,

4Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.

5Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa.

6Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.

7E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana.

8Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho.

9Lebone la ya lokileng le tuka haholo, empa bone la ya kgopo lona le tla tingwa.

10Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.

11Maruo a bolotsana a tla fela hang, a kolletswang kahanyane wona a a eketseha.

12Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo.

13Ya nyefolang dikeletso o tla timela, ya bolokang molao o tla amohela moputso.

14Thuto ya ya bohlale ke sediba sa bophelo, e phemisa motho maraba a lefu.

15Kelello e tjhatsi ho bohle e a kgahleha, tsela ya ba sa tshepahaleng e isa timelong.

16Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.

17Leqosa le kgopo le welwa ke ditsietsi, moromuwa ya tshepahalang o tlisa tse molemo.

18Bofuma le dihlong di wela ya hanang kgalemo, tlotla e aparela ya sa haneng ho nyatsuwa.

19Se labalabelwang ha se fihletswe se a thabisa, dithoto tsona ha di rate ho tela bobe.

20Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.

21Bobe bo salama baetsadibe, ba lokileng bona ba putswa ka tse molemo.

22Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.

23Masimong a mofutsana tjhai e ba ngata, ba hlokang toka bona ba a e fedisa.

24Motho ya sa shapeng mora hae o mo hloile, athe ya ratang mora hae yena o a mo kgalema.

25Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo.

e>