1Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.
2Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.
3Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng.
4Leme le thabisang ke fate sa bophelo, empa le thetsang le senya pelo ya motho.
5Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa.
6Ka tlung ya ya lokileng leruo le teng, empa ya kgopo leruo le mmakela ditsietsi.
7Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.
8Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.
9Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata.
10Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo, ya hloileng kgalemo yena o tla timela.
11Morena o tseba tse ka Nqalong ya Bafu, le tse ka ho ya Timelo o a di tseba, a ka sitwa keng ho tseba makunutu a batho?
12Mosomi yena o hloile kgalemo, le ho ba bohlale a ke ke a batla keletso.
13Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko.
14Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto.
15Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla.
16Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi.
17Ho molemo ho ja moroho o fanwang ka lerato, ho ena le matshufu a fanwang ka lehloyo.
18Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.
19Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle.
20Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, empa sethoto sona se nyedisa le mma sona.
21Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng.
22Ya sa rateng dikeletso merero ya hae e a nyopa, ya eletswang ke ba bangata yena o a atleha.
23Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!
24Ho ya bohlale tsela ya bophelo ke e yang hodimo, ho mo phemisa ho theohela lebitleng.
25Morena o timetsa lapa la moikgantshi, empa o sireletsa moedi wa lapa la mohlolohadi.
26Mehopolo ya ya kgopo ke manyala ho Morena, polelo tsa ya lokileng tsona di kgahlisa Morena.
27Ya meharo o tlisetsa lapa la hae tsietsi, Ya hloileng tjotjo yena o tla phela.
28Ya lokileng o inahana a eso arabe, molomong wa ya kgopo bokgopo bo a kopotsa.
29Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe.
30Ho tadima motho hantle ho thabisa pelo ya hae, taba tse molemo di mo tsosa molota.
31Ya mamelang kgalemo e isang bophelong, o tla dula hamonate hara ba bohlale.
32Ya sa natseng thuto o a inyedisa, empa ya mamelang kgalemo o ekeletswa kutlwisiso.
33Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.