1Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.
2Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae.
3Bea mesebetsi ya hao atleng tsa Morena, mme merero ya hao e tla phethahala.
4Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.
5Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola.
6Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema.
7Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.
8Sejosenyane se molemo ha se fumanwe ka toka, ho ena le maruo a fumanwang ka bolotsana.
9Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.
10Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka.
11Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena.
12Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso.
13Molomo o buang tse lokileng o thabisa dikgosi, dikgosi di rata motho ya buang nnete.
14Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.
15Ho thaba ha kgosi ho a phedisa, mohau wa yona o ka leru la pula selemo.
16Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.
17Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.
18Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.
19Ho molemo ho ikokobetsa o le hara mafutsana, ho ena le ho arolelana kgapo le baikgohomosi.
20Ya elang ditaelo hloko o a atleha, ya tshepang Morena o a hlohonolofala.
21Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa,
22Bohlale ke diba sa bophelo ho ya nang le bona, ho ruta dithoto ke ho itshenyetsa nako.
23Ya bohlale o hlalefiswa ke pelo ya hae, le seo a tla se bua o se rutwa ke yona.
24Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele.
25Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung.
26Sekgothadi se a itshebeletsa, se itshebeletsa ka thata, hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa.
27Senokwane se rera bobe, molomong wa sona ho tswa tse tjhesang sa malakabe.
28Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.
29Motho ya dikgoka o hohela ya ahisaneng le yena, a mo tsamaise tseleng tse sa lokang,
30Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse.
31Moriri o moputswa ke mofapahlooho o kgabane, o fumanwa ke ya phelang ka ho loka.
32Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.
33Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.