1Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang.
2Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae.
3Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena.
4Ya etsang bokgopo o mamela polelo tsa leshano, ya leshano yena o mamela tsa bokgopo.
5Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa.
6Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona.
7Sethoto ha se lokelwe ke puo tsa bokgeleke, puo ya leshano ha e lokele kgosana.
8Tjotjo ke hakwe la bohlokwa, ke la bohlokwa ho mo-e-fani, e mo atlehisa ho tsohle tseo a di etsang.
9Ya lalang diphoso ka mmele o qeka ho ratwa, athe ya di pepesang yena o senya setswalle.
10Ya bohlale o phakisa ho amohela kgalemo, thoto ha se shapuwa halekgolo ha se mamele.
11Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho.
12Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona.
13Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.
14Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.
15Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena.
16Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale?
17Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.
18Ya hlokang kelello o itlama ka ditshepiso, o itlama ho lefa melato ya ba bang.
19Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.
20Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela.
21Ya tswalang sethoto o itswalla ditsietsi, ntata sethoto o hloka thabo.
22Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele.
23Motho ya kgopo o amohela tjotjo sephiring, ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka.
24Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle.
25Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa.
26Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona.
27Ya nang le tsebo o tswara leme la hae, ya nang le kutlwisiso ha a ke a halefa.
28Sethoto ha se kgutsitse ho thwe se hlalefile, se na le kutlwisiso ha se tshwara leme la sona.