1Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.
2Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.
3Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele!
4Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho.
5Pelong ya motho merero e ka metsi a bodiba, ya nang le kutlwisiso yena o a e fihlela.
6Motho ka mong o ithorisa ka molemo wa hae, ya tshepahalang yena a ka fumanwa ke mang?
7Metsamao ya ya lokileng ha e na kodi, bana ba hae ba tla hlohonolofala.
8Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle.
9Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?”
10Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena.
11Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae, e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.
12Tsebe e mamelang le leihlo le bonang, bobedi ba tsona di entswe ke Morena.
13Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai.
14“Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.
15Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.
16Ya itlamang ka molato wa e mong, o mo nkele kobo ya hae, o e bee paneng ha a itlamme ka molato wa motho eo.
17Dijo tse fumanweng ka bolotsana di monate ho motho, empa hamorao molomo wa hae o tlala lehlohlojane.
18Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.
19Ya ratang ditshebo o hlahatsa makunutu, motho wa lehehle eka kgona o mo kwekwetle.
20Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.
21Leruo le bokellwang ka potlako sethathong, qetellong le ke ke la hlohonolofatswa.
22Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela.
23Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng ke manyala mahlong a Morena; dikala tsa bolotsana le tsona ha di mo thabise.
24Mehato ya motho e laolwa ke Morena, ebe jwale motho tsela a ka e tseba jwang?
25Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae.
26Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.
27Bone la Morena ke wona moya wa motho, le bonesa bokahare ba pelo ya motho.
28Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.
29Tlotla ya batjha ke matla a bona, moriri o moputswa ke bokgabane ba maqheku.
30Mehwabadi ke yona pheko ya bokgopo, meupa e hlwekisa bokahare ba pelo.