1Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.
2Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo.
3Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.
4Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!
5Merero ya ya mafolofolo e mo tlisetsa nala, lepotlapotla lona le ikisa bofumeng.
6Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang, le leraba la lefu,
7Dikgoka tsa ba kgopo di tla ba timetsa, hoba ba hana ho etsa ho lokileng.
8Tsela ya ba molato e matswedintsweke, boitshwaro ba ba hlokang kodi bo otlolohile.
9Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe.
10Motho ya kgopo o labalabela bobe, ha a qenehele ya ahisaneng le yena.
11Ha mosomi a otlwa, ya se nang tsebo o a hlalefa; ha ya bohlale a rutwa, yena o fumana tsebo.
12Modimo ya lokileng o hlahloba lapa la ya kgopo, o timetsa ya kgopo ka baka la bokgopo ba hae.
13Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.
14Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang.
15Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo.
16Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu.
17Ya hlanyetsang menyaka o tla fumaneha, ya ratang veine le dimenyemenye ha a ka ke a rua.
18Ya kgopo o rekiswa bakeng sa ya lokileng, ya sa tshepahaleng yena bakeng sa ya kgabane.
19Ho molemo ho iphelela hara lehwatata, ho ena le ho phela le nkwapo, mmadikomang.
20Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele.
21Ya thahasellang ho loka le lerato o tla fumana bophelo le toka le tlotla.
22Ya bohlale o hlasela qhobosheane ya bahale, a heletse marako ao ba a tshepileng.
23Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing.
24Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.
25Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona, se leqe ho sebetsa, ho sebetsa ka matsoho a sona;
26se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane.
27Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.
28Paki ya leshano e tla timela, polelo tsa ya qalang ka ho mamela di a amoheleha.
29Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae.
30Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.
31Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa, empa tlholo yona ke ya Morena.