Proverbs 24:1-34 SSO1989 - Bible AI

1O se ke wa kgahlwa, wa kgahlwa ke ba kgopo, o se lakatse ho etsa setswalle le bona,

2hobane ba inahanela ho sebedisa dikgoka, melomo ya bona e bua dimpe.

3Bohlale ke bona bo hahang ntlo, kutlwisiso yona e e tsitsise,

4tsebo e tlatse dikamore ka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa, matlotlo a kgahlehang.

5Ya bohlale o matla ho feta senatla, ya nang le tsebo o feta sekwankwetla.

6O lwana ntwa o itokiseditse yona hantle, o e hlole ka ho eletswa ke ba bangata.

7Sethoto ha se utlwisise bohlale, ka kgotla se ke ke sa ahlamisa molomo.

8Ya lohang mano a ho etsa bokgopo batho ba mmitsa rabolotsana.

9Merero ya bothoto ke sebe, mosomi o nyonywa ke batho bohle.

10Haeba o nyahama pelo mohla ditsietsi, o fela o fokollwa ke matla.

11Lopolla ba iswang lefung, o pholose ba iswang polaong.

12Ha o ka re: “Jo! re ne re sa tsebe!” Na ya bonang dipelo yena a ke ke a lemoha? Ya baballang bophelo ba hao yena o a tseba, motho ka mong o tla mo putsa ho ya ka mesebetsi ya hae.

13Mora ka, eja mahe a dinotshi, hobane a a latsweha, o je kgekge ya dinotshi hobane e a hlabosa.

14Tseba hore bohlale bo jwalo moyeng wa hao; ha o ka bo fumana o tla ba le katleho kamoso, tshepo ya hao e ke ke ya fela.

15Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,

16hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.

17O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha;

18esere Morena a bona, mme a nyatsa, a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.

19O se ke wa itshwenya ka ba etsang bobe, kapa wa kgahlwa ke ba etsang bokgopo;

20ya kgopo ha ho letho leo a le tshepileng, bone la bophelo ba hae le tla tingwa.

21Mora wa ka, tshaba Morena le kgosi, o se ke wa ikopanya le mahlabaphiyo,

22hobane hanghang koduwa e tla a wela hodimo. Ana ke mang ya ka tsebang tshenyo eo ba tla e etsa?

23Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.

24Ya reng ho ya kgopo: “Ha o na molato,” tjhaba di tla mo rohaka, merabe e mo nyonye;

25empa ba ahlolang ya molato ba tla atleha, mahlohonolo a ba atele.

26Ya arabang ka bokgabane o supa setswalle sa nnete.

27Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao.

28O se be paki e tswang mohaeno ntle ho lebaka, polelo tse thetsang di se tswe molomong wa hao.

29O se ke wa re: “Ke tla busetsa molamu sefateng, kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”

30Ke ile ka feta pela tshimo ya sekgoba, ka ba ka feta rapeng sa morara sa ya sethoto,

31ka bona di rarieletswe ke meutlwa, bobatsi le bona bo entse mofero, marako le wona a se a helehile.

32Ka bona, ka ba ka imamela, ka tadima, ka ithuta sena:

33Ha o ka re shwa! wa boela wa re shwa! wa phuthaphutha matsoho, wa iphomolela,

34fuma ba hao bo tla o nanarela, bo o nanarele jwaloka senokwane, tlala e o wele hodimo sa motho a nkile dihlomo.

e>