1O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.
2Motho ha a ithorise o roriswa ke ba bang, a ka roriswa ke basele, e seng yena a ithorise.
3Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta.
4Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?
5Ho kgalema motho sefahlamahlo ho molemo ho feta rato la lekunutu.
6Ho batwa ke motswalle ho na le molemo, empa ho akwa ke sera ke thetso.
7Ya nyonyobetseng o hlaba kgora ka sefeamaeba, athe ho ya lapileng le ho babang ho a latsweha.
8Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona.
9Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.
10Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.
11Mora ka, hlalefa, o thabise pelo ya ka, ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.
12Ya sedi o elellwa kotsi, a batle setshabelo, empa ya se nang tsebo o tlatselaka feela, a wele kotsing.
13Nka seaparo sa ya itlammeng ho lefa molato wa e mong; mo ntshise tebeletso bakeng sa mosadi wa sehlola.
14Ya dumedisang mohahabo ka ho mo tlatsetsa lerata, a mo tlatsetsa lerata ka matjeke, tlhohonolofatso ya hae e tla fetoha thohako.
15Metsi a rothang ho ya ho ile ha pula e ena, a tshwana hantle le mmadikomang.
16Ho mo thodisa ho tshwana le ho thiba moya, kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.
17Tshepe e leotswa ka tshepe e nngwe, monna o tentshwa tshea ke banna ba bang.
18Ya hlokomelang fate sa feiye, o tla ja tholwana tsa sona; ya baballang monga hae hantle, o tla tlotlwa ke yena.
19Jwalokaha motho a ipona sefahleho ka metsing, pelo ya motho le yona ke seipone sa hae.
20Nqalo ya Bafu le mohohlo wa timelo ha di ke di tlala, le wona mahlo a motho ha a kgotsofale.
21Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona ka seboping sa yona, le motho o ahlolwa ka botumo ba hae.
22Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.
23Eba mafolofolo ho lekola kgutshwane tsa hao, o hlahlobe mehlape ya hao hantle;
24hobane leruo ha le hlole kamehla yohle, le mofapahlooho wa kgosi ha o fetele melokong yohle.
25Ha jwang ba thoko bo fedile, jwang bo botjha bo se bo hlahile, mme jwang bo matswapong bo bokeletswe,
26o tla apara tsa boya ba dikonyana, ka dipotsanyane o reke masimo.
27Bese la dipodi le tla o lekana, e be dijo tsa hao le tsa lapa la hao, o fepe le makgabunyane a hao.