1Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.
2Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo.
3Mofumanehi ya hatellang bafumanehi o ka sekgohola se senyang dijalo.
4Ba tlolang molao ba thoholetsa ba kgopo, empa ba o bolokang ba hanyetsana le ba kgopo.
5Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.
6Ho molemo ho ba mofutsana ya phelang ka botshepehi, ho ena le ho ba morui ya phelang ka bolotsana.
7Ya bolokang molao ke mora ya bohlale, ya tlwaetseng menyollo o hlabisa ntatae dihlong.
8Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.
9Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala.
10Ya kgelosang ba lokileng hore ba ye tseleng tse kgopo, o tla wela lemeneng le tjhekilweng ke yena; ba se nang molato ba tla ja lefa la tse molemo.
11Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae.
12Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.
13Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.
14Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing.
15Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi.
16Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.
17Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.
18Ya phelang ka botshepehi o tla fumana pholoho; ya phelang ka bokgopo yena hanghang o tla timela.
19Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo; ya pheellang mafeela o tla futsaneha haholo.
20Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo, athe ya potlakelang ho rua, kotlo o tla e fumana.
21Ho ahlola ka leeme hase ntho e ntle, empa motho a ka nna etsa sebe, hore a fumane sengwathwana.
22Ya mahlo a matsho o potlakela leruo, ha a nahane le hore bofuma bo tla mo wela hodimo.
23Ya kgalemang motho e mong, o tla ratwa, ho feta ya qekisang ka leleme la hae.
24Ya utswetsang ntatae kapa mmae, a ntsa ithetsa ka ho re: “Hona hase sebe,” ya jwalo yena ke motswalle wa disenyi hantle.
25Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho.
26Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.
27Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.
28Ha ba kgopo ba busa, tjhaba se a ipata; empa ha ba timela, ba lokileng ba tla ngatafala.