1Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.
2Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,
3Ya ratang bohlale o thabisa ntatae, ya mathang le diotswa o hafaka leruo la hae.
4Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.
5Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena.
6Sebe sa ya kgopo ke lemena ho yena, empa ya lokileng o bina a nyakaletse.
7Ya lokileng o hlokomela tokelo tsa bafumanehi, empa ya kgopo yena ha a di natse ka letho.
8Basomi ba fehla moferefere, ba o fehla kahara motse, empa ba bohlale ba kokobetsa kgalefo.
9Ha motho ya bohlale a qosana le ya sethoto, leha ya sethoto a ka halefa, kapa a tsheha, kgotso e ke ke ya eba teng.
10Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae.
11Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa.
12Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.
13Mofumanehi le mohatelli ba tshwana ka sena: Morena o tutubolla mahlo, mahlo a bona bobedi.
14Kgosi e ahlolelang bafumanehi, e ba ahlolelang ka toka, terone ya yona e tla tsitsa kamehla yohle.
15Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.
16Ha ba kgopo ba anafala, bokgopo bo a eketseha; empa ba lokileng ba tla bona ha ba timela.
17Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle.
18Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao.
19Lekgoba le ke ke la kgalengwa ka ho buiswa feela, le hoja le utlwisisa, le ke ke la phetha taelo.
20Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.
21Ya bokotsang kgoba la hae ha a le hodisa, le tla qetella le mo hlokela teboho.
22Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.
23Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.
24Motswalle wa leshodu o itlhoile, o utlwa thohako, empa ha a e natse,
25Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.
26Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela.
27Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.