Proverbs 3:1-35 SSO1989 - Bible AI

1Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,

2o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele.

3Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.

4O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.

5Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao.

6Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.

7O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.

8O tla phela hantle mmeleng, masapo a hao a tiye.

9Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.

10Disiu tsa hao di tla sasamatswa ke tjhai, merifi ya hao e kgaphatsehe veine.

11Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya,

12hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.

13Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso,

14hoba bo feta silefera ka bohlokwa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang kgauta;

15bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona;

16ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla.

17Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso.

18Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona.

19Ka bohlale Morena o radile metheo ya lefatshe, ka kelello Morena a ala le mahodimo;

20ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe.

21Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao.

22Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise.

23O tla tsamaya o sireletsehile, leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.

24Ha o robala o ke ke wa tshaba letho, ha o robala o tla kgaleha thuwe!

25Se tshabe tlokotsi e o tlelang ka tsometso, kapa timetso e welang ba kgopo hodimo;

26hobane Morena ke yena letshepa la hao, leoto la hao le ke ke la wela lerabeng.

27Fana ka tse molemo ho ba di hlokang, ha o ena le matla a ho etsa jwalo.

28O se ke wa re ho wa heno: “Tsamaya o boele o kgutle, ke tla o nea yona hosasa,” empa o ntso ena le yona.

29O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.

30Se qose motho ho se na lebaka, ha yena a sa o senyetsa letho.

31Se kgahlwe ke motho ya kgantshang bohanka, se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.

32Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa.

33Morena o rohaka malapa a ba kgopo; o hlohonolofatsa a ba lokileng.

34Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela.

35Ba bohlale bona o a ba tlotla, athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha.

>