1Tsena ke dipolelo tsa Akure, mora wa Jake, wa Masa. Monna eo a bua, a re: “Oho, Modimo ke kgathetse! Oho, Modimo ke kgathetse! Ke feletswe ke matla!
2Nna ke sethoto ho feta mang kapa mang; ha ke na le kutlwisiso ya botho.
3Ha ke a ka ka ithuta bohlale, ebile ha ke tsebe Ya Halalelang.
4Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!
5“Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
6Se eketse letho polelong tsa hae, esere a o kgalema, wa fumanwa o le leshano.”
7“Ke kopile ntho di le pedi ho wena, o se nkganele ka tsona pele ke eshwa:
8Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng;
9esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re:
10“O se ke wa nyedisa mohlanka ho monga hae, esere a o rohaka, wa fumanwa o le molato.
11“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.
12Moloko o teng o ithetsang ka ho re o hlwekile, empa o sa hlwekiswa ditshila tsa wona.
13Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa.
14Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.
15“Koidi e na le madinyane a le mabedi, a kopang a re:
16Ke lebitla le mosadi wa nyopa, le mobu o omeletseng, le mollo o sa ke be o re:
17“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.
18“Ntho di tharo tse mmakatsang haholo, e, di nne tseo ke sa di tsebeng:
19Mohlala wa ntsu sepakapakeng, mohlala wa noha hodima lefika, mohlala wa sekepe hara lewatle, mohlala wa monna ho morwetsana.
20“Mokgwa wa mosadi wa sefebe, ke mokgwa o tjena: O a ja, ebe o a itlhakola, o re:
21“Ntho di tharo tse reketlisang lefatshe, di nne tseo le ke keng la di mamella:
22Ke lekgoba leo ebang kgosi, le sethoto se nyonyobetseng,
23le moshejwahang ha a nyalwa, le lekgabunyane le jang lefa la monga lona.
24“Ntho di nne tse nyenyane lefatsheng, empa tse bohlale bo makatsang:
25Bohlwa ke tjhaba se hlokang matla, empa bo bokella dijo tsa bona hlabula.
26Dipela ke tjhaba se fokolang, empa di etsa qhobo tsa tsona mafikeng.
27Ditsie tsona ha di na kgosi, empa ha di falla di fofa ka mekgahlelo.
28Mokgodutswane o ka o tshwara ka letsoho, empa o fumanwa ka matlung a dikgosi.
29“Ntho di tharo tse bohehang ha di tsamaya, e, di nne tse natlailang:
30Ke tau, batana se matla ho feta tsohle, eo ho seng letho leo e ka le balehang;
31ke mokoko o qholoshang hara dithole, hape ke phooko, ke kgosi e futuhang ka mabotho a yona.
32“Haeba o bile sethoto, wa ikgantsha, kapa wa nahana merero e mebe, bea letsoho molomong o kgutse,
33hoba lebese ha le fehlwa le etsa sereledi, le nko ha e otlwa e tswa mokola, kahoo kgalefo e fehla meferefere.”