1Tsena ke dipolelo tsa Lemuele, kgosi ya Masa, tseo a neng a di rutwe ke mmae:
2“Oho, ngwanaka! Oho, ngwana popelo ya ka! Wena eo ke mo filweng ho arabela thapelo tsa ka,
3se qete matla a bonna ba hao ka basadi, se tjhediete le basadi ba timeditseng dikgosi.
4“Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,
5esere ha di nwele, molao tsa o lebala, bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.
6Ba kgatheng la ho shwa ba nweseng jwala, ba sithabetseng dipelo le ba nwese veine.
7Ba tloheleng ba nwe, ba lebale bofuma ba bona, mahlomola a bona ba se hlole ba a hopola.
8“Eba molomo wa ba sa tsebeng ho ipuella, o tseke tokelo tsa bohle ba saretsweng.
9Ba buelle, o ba ahlolele ka toka, o emele nyewe tsa bafumanehi le wona mafutsana.”
10Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa!
11Monna hae o mo tshepa a sa kganane, mme bofutsana a ke ke be a bo tseba.
12Ke matsatsi wohle a ho phela ha hae, o etsetsa monna tse molemo e seng tse mpe.
13O batla boya, a batle motsitla, a sebetse ka matsoho a hae ka mafolofolo.
14O tshwana le dikepe tsa bo-rakgwebo, dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.
15O tsoha bosiu e sa le ka matjeke, a fepe bohle ba lelapa la hae, makgabunyane a hae a a abele mosebetsi.
16Ha a kgahlwa ke tshimo eba o a e reka, a e leme morara ka tse sebeditsweng ke matsoho a hae.
17Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae.
18O lemoha hore kgwebo ya hae e a mo atla, bosiu bo sa bone la hae le sa tingwe.
19Toloki o e tshwara ka letsoho la hae, tshwele a e tshware ka monwana ha a e ohla.
20Bafumanehi o ba fepa a sa kganane, bahloki le bona a ba atswe ka tsoho le batsi.
21Ha lehlwa le kgetheha letswalo ha a na lona, bohle ba lapa la hae ba apesitswe tse mofuthu;
22kallane tsa moalo o itohela tsona, aparo tsa hae ke tsa lene e ntle, e perese.
23Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha.
24O roka diaparo tsa lene e ntle a di rekise, le wona maqhama bahwebi ba a reka ho yena.
25Matla le seriti ke tsona aparo tsa hae, taba tsa kamoso tsona o a di teola!
26Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae.
27O sedi tabeng tsa lelapa la hae, hase mokotla o mahlo, mohlohlwa-o-rapame.
28Bana ba hae ba ema ba re o hlohonolo, le monna hae a rialo, a ba a mmabatse, a re:
29“Basadi ba bangata ke basadi ba kgabane, empa wena kaofela o a ba feta!”
30Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa.
31Mo nee moputso wa matsoho a hae, mosebetsi wa hae o mo rorise kgorong tsa motse.