Proverbs 8:1-36 SSO1989 - Bible AI

1Na ebe bohlale ha bo howe? Kutlwisiso yona ha e phahamise ntswe la yona?

2Bo eme tseleng tse phahameng, bo eme mateanong a ditsela.

3Bo howeletsa bo le kgorong tsa motse, bo howeletsa bo le monyako wa motse:

4“Banna, mamelang, ke bitsa lona, ke ipiletsa ho batho bohle.

5Lona ba se nang tsebo ithuteng bohlale! Lona dithoto batlang kutlwisiso!

6Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng.

7Ke tla bua nnete feela, hobane bokgopo ke bo hloile.

8Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete, thetso le bomenemene ha di yo ho tsona,

9di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo.

10Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.

11“Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona.

12Nna, Bohlale, ke fana le ka masene, tsebo le tlhalohanyo le tsona ke di ruile.

13Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.

14Boeletsi le ho ba sedi le tsona ke tsa ka, kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka.

15Ke ka nna kgosi di tsebang ho rena, le babusi ba etsang melao e lokileng.

16Ke ka nna mahosi le mahosana a tsebang ho busa, le baahlodi bohle ba tsebang ho ahlola.

17Ba nthatang le nna ke a ba rata, ba mpatlang bona ba tla mphumana.

18Ho nna maruo le tlotla di teng, maruo a sa feleng le hona ho loka.

19Tholwana ya ka e kgahleha ho feta kgauta, e feta kgauta e hlwekisitsweng, tse fumanwang ho nna di feta silefera e hlwekisitsweng.

20Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao.

21Ba nthatang ke ba abela lefa, matlole a bona ke a tlatse, a be mohlohlo.

22“Morena o mpopile qalehong ya mesebetsi ya hae, pele ho mesebetsi ya hae, mesebetsi ya kgalekgale;

23ke hlodilwe kgale, pele ho mehla yohle, ke hlodilwe tshimolohong, fatshe le eso be teng.

24Ka tswalwa pele mawatle a eba teng, didiba tse kollang di eso ka di runya;

25ka tswalwa thaba di eso ka di thewa, ka tswalwa le maralla a eso be teng,

26pele fatshe le eba teng le masimo a lona, pele role la lefatshe le lona le eba teng.

27Ke ne ke le teng ha a bea mahodimo bakeng sa wona, a seha moedi wa loapi, a o seha hodima mawatle;

28ha a etsa lenamola la maru, a le etsa sepakapakeng, a phunya mehlodi ya madiba a e tsitsisa;

29ha a sehela lewatle moedi wa lona, metsi a se ke a tlola taelo ya hae; le ha a rala metheo ya lefatshe.

30Ke ne ke le tsoho la hae le letona, ka matsatsi wohle ke mo thabisa, ke nyakaletse ke le kapele ho yena;

31ke thabetse lefatshe e le la hae, ke thabetse le batho a ba bopile.

32“Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka.

33Mamelang thuto ya ka le tle le hlalefe, le se ke la hana ho e mamela.

34Ho lehlohonolo motho ya mmamelang. ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.

35Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela.

36Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.”

>