1Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
2a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu.
3Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.
4Ba kgopo bona ha ba jwalo; empa ba jwaloka mmoko o fefolwang ke moya.
5Kahoo ba kgopo ba ke ke ba phema kahlolo, baetsadibe ba ke ke ba balellwa le ba lokileng;
6hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.