1Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho?
2Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng.
3Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.
4Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang.
5Kamehla o atleha mererong ya hae, dikahlolo tsa hao di mo phahametse, dira tsa hae tsohle o di tadima maotong.
6Ka pelong ya hae o re: “Nke ke ka sisinngwa ke letho, nke ke ka hlahelwa ke bobe le ka mohla.”
7Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo.
8O dula a laletse pela metsana, o bolaya ba se nang molato, o ba bolaya a ipatile. Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng,
9o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.
10O a qatjhama, a batalle; ya tsielehileng a wele marong a hae.
11Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”
12Thusa, Morena! Oho, Modimo, itokisetse ho otla; o se ke wa lebala bahlophehi.
13Ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ka pelong ya hae a re: “A ke ke a phetetsa?”
14Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.
15Robokela ya kgopo le e mobe, o phetetse bokgopo ba hae bo fele tu!
16Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae.
17Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,
18ho ahlolela kgutsana le ya hatellwang, hore motho wa lefatshe a se hlole a tshosa ba bang.