Psalms 100:1-5 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya teboho. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo,

2sebeletsang Morena ka thabo, tloong kapele ho yena ka ditlatse.

3Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.

4Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae.

5Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, botshepehi ba hae ke bo isang melokong yohle.