Psalms 103:1-22 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang.

2Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.

3Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela.

4Ke yena ya o lopollang lebitleng, ke yena ya o qhakang ka mohau, ya o qhakang le ka lerato.

5Ke yena ya o fepang tse molemo bophelong bohle ba hao, hore o boele o ntjhafale, o ntjhafale jwaloka ntsu.

6Morena o sebetsa ka ho loka, o ahlolela bohle ba hateletsweng.

7O ne a tsebise Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse kgolo.

8Morena o na le kutlwelobohloko, Morena o mosa; o dieha ho halefa, o tletse mohau.

9Ha a re tsekise hoyahoile; ha a re jare ka pelo kamehla yohle.

10Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona.

11Jwalokaha mahodimo a phahametse lefatshe, le mohau wa Modimo o moholo, o moholo hakaalo ho ba mo tshabang.

12Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, le ditlolo tsa rona o a di suthisa, o di suthisetsa hole le yena hakaalo.

13Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko.

14Ke hobane yena o tseba seo re bopilweng ka sona, ha a lebale hore re lerole feela.

15Ditshiu tsa motho di tshwana le tsa jwang; o tlokoma jwaloka palesa ya naha;

16ha moya o foka hodima yona e a fela, ebe ditulo tsa yona di sala di le feela.

17Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona,

18ho ba bolokang selekane sa hae, ba hopolang ho phethahatsa ditaelo tsa hae.

19Morena o beile terone ya hae, o e beile mahodimong, tsohle di tlasa puso ya hae.

20Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.

21Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae.

22Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka.

>