1Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
2Ke mang ya ka bolelang ketso tse matla tsa Morena, ya ka tumisang thoriso yohle ya hae?
3Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.
4Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa.
5A nke ke bone katleho ya bakgethwa ba hao, ke be le kabelo thabong ya setjhaba sa hao, ke tle ke ithorise mmoho le bao e leng lefa la hao.
6Rona le bo-ntata rona re entse dibe, re molato, re kgopo.
7Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.
8Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae.
9A kgalemela Lewatle la Sufe, yaba le a psha; a ba tsamaisa madibeng jwalokaha eka ke sebataolong.
10A ba pholosa matsohong a ba ba hloileng, a ba namolela matsohong a sera.
11Metsi a kwahela ba ba lwantshang, ha se ke ha phonyoha le ya mong.
12Yaba ba qala ho kgolwa tshepiso tsa hae, ba mminela dithoko.
13Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena.
14Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng.
15A ba nea seo ba neng ba se kopa, A ba nea seo ba neng ba se kopa, athe o tla ba neella ka lefu le ba timetsang.
16Ba honohela Moshe ba le diahelong, le yena Arone, mohalaledi wa Modimo.
17Lefatshe la ahlama, la metsa Datane, la kwenya sehlopha sa Abirame.
18Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo.
19Ha ba le Horebe, ba ipopela namane, ba kgumamela setshwantsho se bopilweng ka kgauta.
20Ba lahla tlotla ya Modimo, ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana, ntho e jang jwang.
21Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta,
22dimakatso naheng ya Kama, le tse tshosang Lewatleng la Sufe.
23Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.
24Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.
25Ba dumaduma ba le ditenteng tsa bona, ba se ke ba mamela lentswe la Morena.
26A phahamisa letsoho, a ba hlapanyetsa hore o tla ba bolaela lehwatateng,
27a qhalanye tloholo tsa bona, a di qhalanyetse hara ditjhaba, a di qhalanyetse dinaheng.
28Ba kgomarela Baale wa Peore, ba eja mahlabelo a etseditsweng bafu.
29Ba phephetsa Modimo ka diketso tsa bona, ba welwa ke lefu la sewa.
30Empa Finease a ema, a ahlola ba molato, yaba lefu la sewa le a fela.
31Hoo a ho ballwa e le ho loka, ho isa melokong yohle, kamehla le mehla.
32Ba boela ba halefisa Morena, ba mo halefisa metsing a Meriba, Moshe a ba tsietsing ka baka la bona;
33ba kgopisa moya wa hae, hoo a bileng a bua a sa inahana.
34Ha ba a ka ba timetsa ditjhaba jwalokaha Morena a ne a ba laetse;
35ba mpa ba nyallana le baditjhaba, ba ithuta mekgwa ya bona.
36Ba sebeletsa medimo ya bona, medimo ya bona ya ditshwantsho, e ileng ya ba fetohela leraba.
37Ba etsetsa bademona mahlabelo, ka bara le baradi ba bona.
38Ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara le baradi ba bona, ba ba etsa mahlabelo a medimo, medimo ya ditshwantsho ya Kanana: Naha ya silafala ke madi.
39Ba itshilafatsa ka mesebetsi eo ya bona, ka ketso tseo tsa bona ba kwenehela Morena.
40Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.
41A ba neela matsohong a baditjhaba, ba buswe ke ba ba hloileng.
42Dira tsa bona tsa ba hatella, ba ba katlasa taolo ya tsona.
43A nna a ba lopolla ka makgetlokgetlo, ba mpa ba ikgethela ho mo tella, ba tetebela bokgopong ba bona.
44Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.
45A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.
46A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.
47Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.
48Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, a bokwe kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Setjhaba sohle se ke se re: “A ho be jwalo!” Haleluja!