1Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
2Ba ke ba rialo bao Morena a ba lopolotseng, a ba namolela matsohong a mohatelli;
3a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya.
4Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona,
5ba lapile, ba nyorilwe, ba le lekgatheng la ho idibana.
6Matshwenyehong a bona ba ipiletsa ho Morena, mme a ba lopolla tsietsing ya bona.
7A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona.
8Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.
9O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo.
10Ba bang ba ne ba phela lefifing le letsholetsho, ba tlamilwe ke ditlhopheho le ke wona mahlaahlela,
11hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo, ba kgesitse keletso ya Ya Hodimodimo.
12A ba kokobetsa ka mesebetsi e boima, ba kgothometseha, ho se ya ka ba thusang.
13Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
14A ba ntsha lefifing, le bodutung, a kgaola ditlamo tsa bona.
15Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.
16O ile a pshatla mamati a koporo, a robaka mekwallo ya tshepe.
17Ba bang ba thotofatswa ke metsamao ya bona e kgopo, ba hlokofatswa ka baka la melato ya bona,
18ba tenwa ke dijo tsohle; ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu.
19Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
20A laela, mme ba fola, a ba phemisa lebitla.
21Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.
22Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo.
23Ba bang ba tsamaya lewatleng ka dikepe, ba hweba ka ho haola mawatle.
24Le bona ba bone mesebetsi ya Morena, le dimakatso tsa hae madibeng.
25A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle;
26ba betsetswa hodimodimo, ba theolelwa tlasetlase, ba nyekelwa ke dipelo.
27Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka matahwa, ba timellwa ke bohlale bohle.
28Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona.
29A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa.
30Ba thaba hobane ho kgutsitse; a ba sesisetsa koung eo ba neng ba leba ho yona.
31Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.
32Ba mo tlotlise phuthehong ya setjhaba, ba mo rorise mokgatlong wa ba baholo.
33O ne a fetole dinoka lehwatata, le didiba a di fetola baka tse omeletseng.
34Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng.
35Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba.
36Ba lapileng a ba ahisa ho yona, ba thea motse oo ba ka ahang ho wona.
37Ba jala masimong, ba lema morara, kotulo ya eba kgolo.
38A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo.
39Empa jwale ba qepha, ba kokobetswa, ka baka la ho imelwa ke ditsietsi le mahlomola.
40A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela.
41Empa a ntsha mafutsana bohlophehing ba wona, a atisa malapa a wona jwaloka mohlape.
42Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo.
43Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena.