1Pesalema ya Davida. Sefela.
2Pelo ya ka e matlafetse, Modimo; ke tla bina, ke o roke.
3Tsoha moya wa ka, tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
4Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe;
5hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung.
6Modimo, ako bontshe hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle.
7Re pholose ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.
8Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.
9Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka; Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso.
10Moabe ke lefiso leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo ke tla e hatakela ka seeta; Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse, ke etse ditlatse tsa tlholo.”
11Ke mang ya tla nkisa motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,
12ha e le moo wena Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona?
13Ako re thuse direng tsa rona; hobane thuso ya motho ke lefeela.
14Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona.