1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, wena eo ke o rorisang, o se ke wa kgutsa,
2hobane ba kgopo le ba leshano ba ahlamisitse melomo ho ntwantsha. Ba bua le nna ka maleme a thetsang,
3ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo, ba mphutuhela ntle ho lebaka.
4Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.
5Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, le lehloyo bakeng sa lerato.
6Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona.
7Ha a ahlolwa a ke a fumanwe a le molato, thapedi ya hae e nkuwe e le sebe.
8Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale, e mong a ke a nke mosebetsi wa hae.
9Bana ba hae e ke be dikgutsana, le mosadi wa hae e be mohlolohadi.
10Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona.
11Moadimani a ke a mo amohe sohle seo a nang le sona; batho basele ba ikgapele tholwana tsa mofufutso wa hae.
12Ho se be motho ya mo hauhelang, kapa ya thusang dikgutsana tsa hae.
13Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, mabitso a tsona a hlakolwe melokong e hlahlamang.
14Molato wa bo-ntatae o nne o hopolwe ke Morena, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;
15Morena a nne a di hopole kamehla, a ba hlakole lefatsheng, hore ba se hlole ba hopolwa.
16Motho eo ha a a ka a hopola, a hopola ho ba mohau, empa a hlorisa mohlophehi, a hlorisa le mofutsana, a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.
17A rata ho rohakana: Thohako e ke be hodima hae! Ha a ka a thabela tlhohonolofatso: E ke be hole le yena!
18A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole.
19E ke be jwaloka seaparo seo a ipopileng ka sona, e be jwaloka leqhama leo a itlamileng ka lona kamehla.
20Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe.
21Empa wena Morena, Morena ka, ako nthusetse ka baka la lebitso la hao, o nnamolele ka baka la mohau wa hao o molemo.
22Ke mohlophehi, ke mofutsana, pelo ya ka e thulame ka sefubeng sa ka.
23Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie.
24Mangwele a ka a tsherema, a tsherema ke ho itima dijo, mmele wa ka o otile ke ho hloka mafura.
25Ke fetohile sekgobo ho baqosi ba ka, ha ba mpona ba ntshisinyetsa dihlooho.
26Ako nthuse, Morena, Modimo wa ka, o mpholose ka mohau wa hao,
27ba tle ba tsebe hore hona ho entswe ke wena, ke mosebetsi wa matsoho a hao, matsoho a hao wena Morena.
28Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe.
29Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong, tlontlollo e be jwaloka seaparo seo ba ipopileng ka sona.
30Ke tla boka Morena ka lentswe le phefa, ke mo rorise ke le hara matshwele;
31hobane o eme ka hlakoreng le letona hlakoreng le letona la mofutsana, hore a tle a mo pholose ho ba mo ahlolang.