1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”
2Ba kgopo ba se ba hula diqha tsa bona, ba kgwesa metsu ya bona, ba e kgwesa ba le lefifing ho fula ba pelo di ntle.
3Ha metheo e se e heleditswe, ya lokileng a ka etsa eng?
4Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
5Morena o hlahloba ya lokileng le ya kgopo, ya sehloho yena o mo hloile.
6Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.
7Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae.