1Haleluja! Ke tla boka Morena ka pelo ya ka yohle, ke le phuthehong ya ba lokileng.
2Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang.
3Mosebetsi wa hae o bonahatsa tlotla le botlotlehi, ho loka ha hae ho teng kamehla yohle.
4O entse hore dimakatso tsa hae di se ke tsa lebalwa; Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko.
5O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla.
6O bontshitse setjhaba sa hae, a se bontsha matla a mesebetsi ya hae, ka ho se nea lefa la baditjhaba.
7Mesebetsi ya diatla tsa hae e a tshepahala, mesebetsi ya hae e lokile, ditaelo tsohle tsa hae ke tsa nnete;
8di etseditswe mehla yohle, di hlophilwe ka botshepehi le ka ho loka.
9O lopolotse setjhaba sa hae, a laela hore selekane sa hae e be sa kamehla yohle; lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.
10Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.