1O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.
2Keng ha baditjhaba ba ka re: “O kae Modimo wa bona?”
3Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang.
4Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.
5E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone.
6E na le ditsebe, empa ha e utlwe; e na le dinko, empa ha e fofonele.
7E na le matsoho, empa ha e tshware; e na le maoto, empa ha e tsamaye; ha ho modumo o tswang qoqothong tsa yona.
8Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang.
9Lona ba ntlo ya Iseraele, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.
10Lona ba ntlo ya Arone, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.
11Lona ba tshabang Morena, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.
12Morena o ntsa re hopotse, o tla re hlohonolofatsa; a hlohonolofatse ba ntlo ya Iseraele, a hlohonolofatse ba ntlo ya Arone,
13a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo.
14Morena a ke a le ngatafatse, lona le bana ba lona.
15Morena a ke a le hlohonolofatse, yena ya entseng mahodimo, a etsa le lefatshe.
16Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.
17Hase bafu ba ka rorisang Morena, leha e le ba theohetseng lebitleng.
18Empa ke rona ba phelang ba ka bokang Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Haleluja!