1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho Morena, ha ke le matshwenyehong, mme o a nkaraba.
2Morena, ako nnamolele molomong wa ya leshano, le lelemeng la ya thetsang.
3Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng?
4O tla newa metsu ya mohale, metsu e ntjhotjho, e tswang mashaleng a hlenneng, mashala a sehalahala.
5Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare.
6Ke nako e telele haholo ke ahile hara ba hloileng kgotso.
7Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa.