1Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Hoja Morena a se ke a ba le rona, Iseraele a ke a rialo,
2hoja Morena a se ke a ba le rona, ha batho ba ne ba re tsohela matla,
3ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;
4dikgohola di ka be di re hohotse, diphororo di ka be di re pupeditse;
5metsi a befileng a ka be a re pupeditse.
6Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je.
7Re phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la batshwasi; leraba la kgaoha, mme ra phonyoha.
8Thuso ya rona e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe.