Psalms 130:1-8 SSO1989 - Bible AI

1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ipiletsa ho wena Morena, ke le tlasetlase.

2Morena, ako utlwe lentswe la ka! Tsebe tsa hao di ke di mamele ha ke etsa thapedi ya ka.

3Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang?

4Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.

5Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae.

6Moya wa ka o lebeletse Morena, ho feta balebedi ba lebeletseng meso, e, ho feta balebedi ba lebeletseng meso.

7Iseraele a ke a lebelle Morena, hobane Morena o mohau, o na le topollo e kgolo.

8Ke yena ya tla lopolla Iseraele bokgopong bohle ba hae.