Psalms 135:1-21 SSO1989 - Bible AI

1Haleluja! Rorisang lebitso la Morena, mo roriseng, lona bahlanka ba Morena,

2ba emang ka Tlung ya Morena, mabaleng a Ntlo ya Modimo, Ntlo ya Modimo wa rona.

3Rorisang Morena, hobane Morena o molemo; rokang lebitso la hae, hobane o a rateha.

4Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae.

5Ruri ke a tseba hore Morena o moholo, Morena wa rona o moholo, o moholo ho medimo yohle.

6Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle.

7Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng.

8Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta, ho qala ka a batho ho isa ho a diphoofolo.

9Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.

10Ke yena ya ileng a timetsa, a timetsa ditjhaba tse ngata, a bolaya dikgosi tse matla:

11Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana.

12A fana ka naha ya bona hore e be lefa, lefa la Iseraele setjhaba sa hae.

13Morena, lebitso la hao ke la kamehla yohle; Morena, o tla hopolwa, o hopolwe ke meloko yohle.

14Morena o tla ahlola, a ahlolele setjhaba sa hae, mme a qenehele bahlanka ba hae.

15Medimo ya bohata ya baditjhaba ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho.

16E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone.

17E na le ditsebe, empa ha e utlwe; le ho phefumoloha, ha e phefumolohe.

18Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang.

19Lona, ba ntlo ya Iseraele, bokang Morena; lona ba ntlo ya Arone, bokang Morena;

20lona ba ntlo ya Levi, bokang Morena; le lona ba tshabang Morena, bokang Morena.

21Morena a ke a bokwe ke ba Sione, yena ya ahileng Jerusalema. Haleluja!

>