Psalms 140:1-14 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Morena ako nnamolele ho batho ba kgopo, o ntshireletse ho batho ba sehloho.

3Ba loha mano ka dipelong tsa bona, ba qholotsa ntwa kamehla.

4Ba leotsa maleme a bona a be jwaloka a dinoha, mahloko a marabe a tswa melomong ya bona.

5Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.

6Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi, ba nketseditse leraba ka dikgwele, ba ntjheketse mamena pela tsela.

7Ke itse ho Morena: “Ke wena Modimo wa ka.” Oho, Morena, sekeha tsebe, o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe.

8Morena, monga ka, mopholosi wa ka ya matla, o sireletsa hlooho ya ka, o e sireletsa ka nako ya ntwa.

9Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe.

10Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.

11Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona.

12Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang.

13Ke a tseba hore Morena o tla emela a emele nyewe ya mohlophehi, a ahlolele le mofutsana.

14Ruri ba lokileng ba tla boka lebitso la hao, ba pelo di ntle ba tla phela pontsheng ya hao.

>