Psalms 141:1-10 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida. Morena, ke ipiletsa ho wena, ako mpotlakele; sekehela lentswe la ka tsebe, ha ke ipiletsa ho wena.

2Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.

3Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka;

4pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.

5Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.

6Mohla baahlodi ba bona ba dihelwang dilomong, ke hona batho ba tla tseba hore mantswe a ka e ne e le a nnete.

7Jwalokaha ho kgathwa, ho tabolwa thite, masapo a bona a tla qhalanngwa jwalo, a qhalanngwe kgorong ya Nqalo ya Bafu.

8Morena, monga ka, mahlo a ka a tadimile ho wena, ke tshabela ho wena, se ntlohelle hore ke timele.

9Nqobise sefi seo ba ntjhehileng ka sona, le mamena a ba etsang tse sa lokang.

10Bohle ba kgopo ba ke ba wele marabeng a bona, ha nna ke phonyoha.

>