1Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao.
2O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.
3Sera se a ntelekisa, se nkgatakella fatshe, se mphedisa lefifing jwaloka ba shweleng kgalekgale.
4Moya wa ka o imetswe, pelo ya ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka.
5Ke hopola ditshiu tsa boholoholo, ke lohotha diketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a hao.
6Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng.
7Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.
8Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.
9Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena.
10Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng.
11Morena, o tla nnea bophelo ka baka la lebitso la hao, o ntopolle matshwenyehong ka baka la ho loka ha hao.
12Ka baka la mohau wa hao ho nna, o tla timetsa dira tsa ka, o fedise bohle ba ntwantshang, hobane nna ke mohlanka wa hao.