1Pesalema ya Davida. Ho bokwe Morena, lefika la ka, yena ya nthutang ho lwana, yena ya nkwetlisetsang ntwa.
2Ke setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, seqhobo sa ka le monamoledi wa ka; ke thebe ya ka, eo ke itshireletsang ka yona, ke yena ya beang ditjhaba katlasa puso ya ka.
3Morena, ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo nkelang hloohong? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang?
4Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.
5Morena, phetla mahodimo a hao, o theohe, o ame dithaba di tle di foqohe mosi.
6Betsa mahadima, dira di tle di qhalane, o fule ka metsu ya hao, di tle di phasaphase.
7Nnanabele o le hodimo, o mpholose, o nkinole metsing a lewatle, le matsohong a baditjhaba;
8ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata.
9Modimo, ke tla o binela, ke o binele sefela se setjha, ke o roke ka harepa e kgwele di leshome,
10wena ya neang dikgosi tlholo, wena ya pholosang Davida, mohlanka wa hao.
11Mpholose saboleng e sehloho, namolele matsohong a baditjhaba ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata.
12Bara ba rona, botjheng ba bona, ba ke ba be jwaloka ditlama, tlama tse holang hantle; baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya, tshiya tsa dihuku tse betletsweng ntlo ya bokgosi.
13Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona;
14makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse.
15Ho lehlohonolo setjhaba se tlelwang ke tse jwalo, ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona.