Psalms 146:1-10 SSO1989 - Bible AI

1Haleluja! Boka Morena, wena moya wa ka!

2Ke tla rorisa Morena ha ke ntse ke phela; ke tla roka Modimo wa ka bophelong ba ka bohle.

3Le se ke la tshepa mahosana, leha e le motho ya se nang matla, matla a ho pholosa.

4Hoba a neele moya, motho o kgutlela mobung; ka lona tsatsi leo merero ya hae e a fela.

5Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae; eo Morena Modimo wa hae, e leng tshepo ya hae.

6Ke yena ya entseng mahodimo le lefatshe, lewatle le tsohle tse ho lona. O tshepahala kamehla,

7o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa,

8Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.

9Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa.

10Morena o busa kamehla yohle; Modimo wa hao, Sione, ke wa meloko yohle. Haleluja!

>