Psalms 147:1-20 SSO1989 - Bible AI

1Haleluja! Ke hantle ho boka Morena, ho monate ho roka Modimo wa rona, o lokelwa ke thoriso.

2Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe.

3O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.

4O tseba palo ya dinaledi, kaofela ha tsona o di bitsa ka mabitso.

5Morena wa rona o moholo, o matla haholo, kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.

6Morena o phahamisa ba eisehang, ba kgopo o ba dihela fatshe.

7Binelang Morena sefela sa teboho, le roke Modimo wa rona ka harepa.

8Ke yena ya kwahelang mahodimo, ya a kwahelang ka maru, ya nesetsang lefatshe pula, ya medisang jwang dithabeng.

9O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.

10Morena ha a thabele matla a dipere, ha a kgahlwe ke lebelo la motho;

11o kgahlwa ke ba mo tshabang, le ba tshepileng mohau wa hae.

12Tlotlisa Morena, wena Jerusalema, wena Sione, rorisa Modimo wa hao.

13O tiisitse mekwallo, mekwallo ya dikgoro tsa hao, a hlohonolofatsa bana ba hao ba phelang ho wena.

14O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng.

15Ke yena ya ntshang taelo ya hae e yang lefatsheng, molaetsa wa hae o a potlaka.

16O kgethehisa lehlwa le kang boya, o etsa hore serame se lale, se ke molora.

17O hasanya sefako sa hae se kang makumane; ke mang ya ka phelang hara mohatsela wa hae?

18Hang ha a ntsha taelo, di se di qhibidiha. O fokisa moya, metsi a boele a phalle.

19O tsebisa ba leloko la Jakobo, o ba tsebisa lentswe la hae, le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.

20Ha ho setjhaba seo a kileng a se etsetsa jwalo, ha ho setjhaba seo a kileng a se tsebisa kahlolo tsa hae. Haleluja!

>