Psalms 150:1-6 SSO1989 - Bible AI

1Haleluja! Rorisang Morena a le sehalalelong sa hae, mo roriseng a le sebakeng sa hae se matla, baka sa hae sa lehodimo.

2Mo roriseng ka baka la diketso tsa bonatla ba hae, mo roriseng ka baka la boholo ba hae, boholo ba hae bo fetisisang.

3Mo roriseng ka modumo wa lenaka, mo roriseng ka thomo le ka harepa.

4Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;

5mo roriseng ka mangenengene a ketemanang, mo roriseng ka mangenengene a llang haholo.

6Tsohle tse phelang di ke di rorise Morena. Haleluja!