1Pesalema ya Davida. Ako mpaballe Modimo, hobane ke tshabela ho wena.
2Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.”
3Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile.
4Ba mathang kamora yona ba ipakela mahlomola; nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi, esita le ho bolela mabitso a yona, ho a bolela ka molomo wa ka.
5Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena.
6Ke sehetswe kgubung, ruri ke thabela lefa la ka.
7Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka; le bosiu pelo ya ka e a ntemosa.
8Kamehla ke ntse ke hopotse Morena, hobane o ka tsohong la ka le letona, nke ke ka sisinngwa.
9Kahoo pelo ya ka e thabile, moya wa ka o nyakaletse, le wona mmele wa ka o tla phomola, o tla phomola o phutholohile;
10o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.
11O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.