Psalms 2:1-12 SSO1989 - Bible AI

1Moferefere ke wa eng hara ditjhaba? Matjhaba a rerelang ntho tsa mafeela?

2Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:

3“A re itokolleng ditlamong tsa bona, re lahleng joko ya bona.”

4Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma.

5Jwale o bua le bona ka kgalefo, ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:

6“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”

7Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna:

8Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao.

9O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.> ”

10Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe.

11Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo.

12Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.

© Bible Society of South Africa, 1989
/div>