Psalms 20:1-10 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Morena a ke a o arabe tsatsing la matshwenyeho, lebitso la Modimo wa Jakobo le o sireletse.

3A ke a o thuse a le Sehalalelong, a o tshehetse a le Sione.

4A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.

5A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethahatse merero yohle ya hao.

6Re ke re etsetse tlholo ya hao ditlatse, re phahamise mekgele ka lebitso la Modimo, bitso la Modimo wa rona. Morena a ke a phethahatse dikopo tsohle tsa hao.

7Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.

8Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa, ba bang ba tshepile dipere, empa rona re tshepile lebitso la Morena, lebitso la Morena Modimo wa rona.

9Bona ba tla kgothometseha, ba we, empa rona re tla ema re tiile.

10Morena, ako nee kgosi tlholo; re arabele ha re ipiletsa ho wena.