Psalms 21:1-14 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Kgosi e thabela matla a hao Morena, e nyakallela thuso ya hao hakaakang!

3O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona.

4O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng.

5E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla.

6Tlotla ya yona e kgolo ka thuso ya hao, o e apesitse kganya le hlompho.

7O e neile mahlohonolo ho isa kgale, wa e thabisa haholo ka boteng ba hao.

8Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa.

9Letsoho la hao, kgosi, le tla fihlela dira tsohle tsa hao, letsoho la hao le letona le tla fihlela bohle, bohle ba o hloileng;

10hang ha o hlaha, o tla ba fedisa; o ba fedise eka ba ka seboping sa mollo. Morena o tla ba metsa ha a halefile, mollo o ba tjhese.

11O tla hlakola bana ba bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho.

12Ha ba rera ho o etsetsa bobe, ha ba loha mano, ba ke ke ba atleha;

13o tla etsa hore ba o supe ka direthe, o hule seqha sa hao ho ba fula.

14Thusa, Morena, ka matla a hao! Re tla bina, re roke bonatla ba hao.