1Pesalema ya Davida. Morena ke modisa wa ka, ha ke hloke letho.
2o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng.
3Ke mmusapelo: O ntsamaisa tseleng tsa ho loka, ka baka la lebitso la hae.
4Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.
5O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo.
6Ruri lehlohonolo le mohau di tla ba le nna, ka matsatsi wohle a bophelo ba ka; mme ke tla phela ka tlung ya Morena, ke phele kateng kamehla yohle.