Psalms 24:1-10 SSO1989 - Bible AI

1Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.

2Ke yena ya le theileng hodima mawatle, a le tiisa hodima madiba.

3Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Morena? Ke mang ya ka emang Sehalalelong sa hae?

4Ke ya matsoho a hlokang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa lakatseng mafeela, ya sa hlapanyetseng leshano.

5O tla fumana lehlohonolo ho Morena, le ho loka ho Modimo, mopholosi wa hae.

6O jwalo moloko wa ba batlang Modimo, ba ratang ho bona fahleho sa hao, wena Modimo wa Jakobo.

7Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

8Kgosi eo e tlotlehang ke mang? Ke Morena ya matla, wa mohale, Morena eo e leng mohale ntweng.

9Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

10Kgosi eo e tlotlehang ke mang? Ke Morena wa mabotho, ke yena Kgosi e tlotlehang.