1Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.
2Ntlhahlobe, Morena, o nonye maikutlo a ka, hlahlobisisa moya wa ka le pelo ya ka.
3Ke hopola mohau wa hao kamehla, ke phela ho ya ka nnete ya hao.
4Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi.
5Ke hloile mokgatlo wa ba etsang bobe, nke ke ka ahisana le ba kgopo.
6Ke hlapa matsoho ho bontsha hore ha ke na molato, ke potapota aletare ya hao Morena,
7ke ntse ke bina sefela sa teboho, mme ke bolela dimakatso tsa hao.
8Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.
9O se ke wa ntimetsa mmoho le baetsadibe, wa fedisa bophelo ba ka mmoho le ba bona, bona ba ratang ho tsholla madi,
10bao matsoho a bona a etsang tsa bolotsana, bao diatla tsa bona di amohelang tjotjo.
11Ha e le nna, metsamao ya ka ha e na kodi; ako ntopolle, o nkgauhele.
12Maoto a ka a eme motsitseng; Morena, ke tla o boka diphuthehong.